Re o amohela Tataisong ya rona ya Basebedisi ba Ditshebeletso tsa rona
Re batla hore wena, mosebedisi wa ditshebeletso tsa rona, o re fe maikutlo a hao ka maemo a tshebeletso eo re buang ka yona tataisong ena. Re tla o hlompha, re be re o sebeletse ka bokgabane, re itshetlehile metheong ya BATHO PELE. Re itlama hore, jwalo ka karolo ya boikarabelo ba rona ba ho fana ka tshebeletso ya maemo lefatsheng, re ho nehe lesedi le nepahetseng, dikeletso le thuso ditshebeletsong tsohle tsa rona
Tataiso ena e o bolella ka boemo ba tshebeletso eo o ka e lebellang ho tswa ho South African Social Security Agency (SASSA). SASSA ke katoloso ya karolo ya phumantsho ya ditshebeletso ya mmuso e tsamaisang phumantsho ya dithuso tsa thekolohelo baahing ba Afrika Borwa.
Re itlama
Ho tsamaisa ditshebeletso tse nang le boleng tsa thekolohelo ya setjhaba, re qoba ditshenyehelo e bile re latela tsela tse kgabane tsa tshebetso.
Ho rona o ka lebella
Kgothaletso le tshireletso ya seriti sa botho, Ho ba sephiring, Bokgabane, Ho Hloka Leeme, Ho Sebeletsa Pepeneneng le Tekano.
Ho fa lesedi le keletso ka dithuso tsohle tseo o ka etsang kopo ya tsona.
Ho o romela ditheong tse ding tse ka kgonang ho o thusa ka ditlhoko tsa hao.
Ho o thusa ho tlatsa diforomo tsa rona, le ho etsa kopo ya thuso.
Ho boloka lesedi lohle leo o re nehang lona e le sephiri.
Latela ka mehla Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, melao e laolang ditshebeletso tsa mmuso le melawana ya boitshwaro ditshebeletsong tsa mmuso.
Ho o sebeletsa ka puo e kgethuweng ke wena
Ho sebedisana le batho bao re ba sebeletsang mmoho le bathahaselli ba bang.
Ho phehella ho ba le ntlafatso e tswellang ya phumantsho ya ditshebeletso bakeng sa ho fihlela ditabatabelo tsa hao.
Ho ikopanya le rona
Ka mehla ha o iteanya le rona ka seqo, ka mohala, ka lengolo kapa ka e-mail, ho tla etsahala tse latelang...
Agente ya ditshebeletso tsa basebedisi e tla itsebisa wena.
Bakeng sa dipatlisiso tsa mohala le ka seqo re tla rarolla dipatlisiso tseo tsa hao ka potlako.
Haeba re sa kgone ho rarolla ka potlako re tla fana ka mabaka, re be re tsebise tlelaente hore e lebelle karabo neng
Re tla o fa nomoro ya referense hore o tle o kgone ho latedisa seo o se batlang hantle.
Re tla ho tsebisa ha re amohetse mangolo a hao ohle a rometsweng ho rona mme re tla sebetsana le patlisiso matsatsing a 7 a mosebetsi.
Haeba re sa kgone ho o araba ka botlalo matsatsing a 7 a mosebetsi, re tla hlalosa hore ke hobaneng le hore o e lebelle neng karabo.
Re tla leka ho o rarollela bothata ba hao matsatsing a 21 a mosebetsi.
Ha o re founela, re rerile ho araba mohala wa hao ka pele ka ho ya ka moo ho ka kgonahala, ka puo ya semmuso e tla kgethwa ke wena.
Re tla buisana le wena ka lengolo diqetong tsohle tsa thuso ya hao.
Diofising tsa SASSA
Ha o fihla diofising tsa rona, basebetsi ba help desk batla o thusa hang-hang. Kaofela diofisi tsa rona di bulwa ka 08h00 di kwalwe ka 16h30 ho tloha ka Mantaha ho fihlela Labone. Ka Labohlano re bula ka 08h00 re kwale ka 16h00.
Dibakeng tseo re lefellang ho tsona le diofising tsa rona o tla fumana tse latelang:
Ho ba sephiring
Sebaka se nepahetseng sa ho leta
Matlwana a ho ithusa
Thuso ka bongaka ha o re tsebisitse nako e sa le teng ka hoo.
Re tla tla ho wena/ha hao haeba o kula o sa kgone ho tla diofising tsa rona. O ka re letsetsa mohala, rona re tla hlophisetsa hore o etelwe lapeng.
Ho sebetsana le kopo ya hao ya thuso ya thekolohelo
Re tla qala ho sebetsana le kopo ya hao hona letsatsing leo.
Re tla tshwanela re netefatse hore molao o o dumella ho amohela thuso
Re ipehela nako ya ho sebetsana le tleleime ya hao mme re lefe thuso ya hao nakong ya matsatsi a 90.
Re tla o eletsa ka tokelo ya hao ya ho ipiletsa ha kopo ya hao e ka hanelwa, ya emiswa kapa ya hlakolwa.
Ho etsa diqeto.
Ha re etsa qeto ka kopo ya hao ya thuso mme o nahana hore e fosahetse, kapa o batla lesedi le leng hape ka qeto, o ka etsa ho latelang:
Re kope ho o hlalosetsa ka botlalo, mme ha re no hana.
O ka etsa boipiletso ka qeto eo, feela e be matsatsing a 30 a ho tloha letsatsing le lengolong leo la qeto.
Boikarabelo ba hao e tla ba
Ho re neha:
Aterese ya hao e nepahetseng, ya poso le ya bodulo.
Diphetoho tse o amang ka ho toba, jwalo ka moputso, aterese, boitekanelo le tse ding.
Ho arabela mangolo a rona ohle ho kenyelletswa le tekolo botjha kapa lesedi lefe kapa lefe le kotjwang ho wena.
Na ha wa thabela ditshebeletso tsa rona?
Haeba ha o a kgotsofala ka tshebeletso ya rona hobane:
Re nkile nako e telele ho lokisa thuso ya hao le/kapa ha wa fumana tefello ya hao ka nako.
Boitshwaro ba e mong wa bahlanka ba rona e ne e e bo sa lokang.
Basebeletsi ba rona ba entse phoso ha o ne o etsa kopo, kapa ba o fa keletso e fosahetseng
Kapa ho bile le phoso ya ka boomo/ho fanya ka lehlakoreng la rona.
Re hlahe leseding ka taba ena, rona re tla lokisa ka bonako moo re entseng phoso. Haeba o batla ho tletleba, re kopa o re ngolle, kapa o re letsetse, ebe o kopa ho fetisetswa lekaleng la tlhokomelo ya basebedisi.
Re tla buisana le wena ka ditshebeletso tsa rona
Re lakatsa ho fumana maikutlo a hao ka tshebeletso tsa rona. Re tla sebedisa lesedi leo o re fang lona ho ntlafatsa ditshebeletso tsa rona. Re kopa hore o re fe maikutlo a hao ka tsela tsena tse latelang:
Tlatsa karete ya rona e nonyang maikutlo a basebedisi, e fumanwang diofising tsa rona kapa dibakeng tsa ditefello.
E ya ho sefe kapa sefe sa dibaka tsa rona Seterekeng, Motseng,
Dibakeng tsa ditshelebeletso le ditefello
Romea tlhahiso e ngotsweng ho efe kapa efe ya diofisi tsa rona..
Dipotso kapa ditshwaelo ka Tataiso ena
Haeba o ena le dipotso tse itseng ka Tataiso ena, e ya ho e nngwe ya diofisi tsa rona. Tataiso ena o ka e fumana le ka Braille, ka theipi eo o ka e mamelang le ka CD, ha o e kopa.
Tataiso ena e tla qala ho sebetsa ka la 01/04/2007mme e tla lekolwa botjha selemo le selemo hore e kenyelletse ditshwaelo tsa lona.
MOO O KA ITEANYANG LE BA SASSA
NTLOKGOLO YA SASSA
Nomoro ya mahala : 0800 601 011
Ho tloha ka 06h00 – 22h00
Mohala 400 2166
Bakeng sa dipatlisiso tsohle ka paballo ya setjhaba, o kotjwa hore o letsetse nomoro ena ya mahala : 0800 601 011 kapa
Mohala 707 6300
Bloemfontein
Bloemfontein
Bakeng sa dipatlisiso tsohle ka paballo ya setjhaba, o kotjwa hore o letsetse nomoro ena ya mahala : 0800 601 011 kapa
Mohala – 409 0803/9
Johannesburg
Marshalltown
Bakeng sa dipatlisiso tsohle ka paballo ya setjhaba, o kotjwa hore o letsetse nomoro ena ya mahala : 0800 601 011 kapa
Mohala 241 8357
Pietermaritzburg
Pietermaritzburg
Bakeng sa dipatlisiso tsohle ka paballo ya setjhaba, o kotjwa hore o letsetse nomoro ena ya mahala : 0800 601 011 kapa
Mohala 846 3304
LIMPOPO
Polokwane
Polokwane
Bakeng sa dipatlisiso tsohle ka paballo ya setjhaba, o kotjwa hore o letsetse nomoro ena ya mahala : 0800 601 011 kapa
Mohala 291 7413
MPUMALANGA
Bakeng sa dipatlisiso tsohle ka paballo ya setjhaba, o kotjwa hore o letsetse nomoro ena ya mahala : 0800 601 011 kapa
Mohala 753 5513
KAPA LEBOYA
Kimberly
Bakeng sa dipatlisiso tsohle ka paballo ya setjhaba, o kotjwa hore o letsetse nomoro ena ya mahala : 0800 601 011 kapa
Mohala 802 4932
Mafikeng
Mmabatho
Bakeng sa dipatlisiso tsohle ka paballo ya setjhaba, o kotjwa hore o letsetse nomoro ena ya mahala : 0800 601 011 kapa
Mohala 381 5860
Bakeng sa dipatlisiso tsohle ka paballo ya setjhaba, o kotjwa hore o letsetse nomoro ena ya mahala : 0800 601 011 kapa
Mohala 469 0321
